Matheu 26:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Yare ha Jesu a qetile dipolelo tsena tsohle, a re ho barutuwa ba hae:

2. “Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”

3. Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa,

4. mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya.

5. Empa ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”

6. Jesu ha a le Bethania ha Simone, molepera,

7. mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa bohlokwa, a tla ho yena, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a ntse a eja.

8. Empa barutuwa ba hae ha ba bona hoo ba ipelaetsa, ba re: “Tshenyo ee e etsetswang?

9. Setlolo sena se ka be se rekisitswe tjhelete e ngata, mme ya abelwa mafutsana.”

10. Jesu a elellwa hona, mme a re ho bona: “Le nyahamisetsang mosadi eo pelo, athe o nketseditse ketso e molemo?

Matheu 26