39. Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?>
40. “Kgosi e tla ba araba, e re: <Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.>
41. “Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: <Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,
42. hobane ke ne ke lapile, la se ke la mpha dijo; ke nyorilwe, la se ke la mpha ka nwa;
43. ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.>
44. “Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: <Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?>
45. “O tla ba araba, a re: <Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.>
46. “Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”