Matheu 25:28-44 BIBELE (SSO89SO)

28. “ <Mo amoheng talenta eo, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome,

29. hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

30. Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!> ”

31. “Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.

32. Ditjhaba tsohle di tla phuthehela pela hae, mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalokaha modisa a kgetha dinku ho dipodi;

33. o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi.

34. “Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: <Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,

35. hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela;

36. ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela.>

37. “Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: <Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, yaba re a o fepa; kapa o nyorilwe, ra o fa wa nwa?

38. Ke neng re ileng ra o bona o le moeti, ra o amohela; kapa o hlobotse, ra o apesa?

39. Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?>

40. “Kgosi e tla ba araba, e re: <Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.>

41. “Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: <Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,

42. hobane ke ne ke lapile, la se ke la mpha dijo; ke nyorilwe, la se ke la mpha ka nwa;

43. ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.>

44. “Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: <Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?>

Matheu 25