27. O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello.
28. “ <Mo amoheng talenta eo, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome,
29. hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.
30. Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!> ”
31. “Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.
32. Ditjhaba tsohle di tla phuthehela pela hae, mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalokaha modisa a kgetha dinku ho dipodi;
33. o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi.
34. “Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: <Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,
35. hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela;
36. ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela.>
37. “Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: <Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, yaba re a o fepa; kapa o nyorilwe, ra o fa wa nwa?
38. Ke neng re ileng ra o bona o le moeti, ra o amohela; kapa o hlobotse, ra o apesa?
39. Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?>