Matheu 25:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a atamela, a tlisa ditalenta tse ding tse hlano, a re: <Monghadi, o ne o ntshietse ditalenta tse hlano. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse hlano.>

21. “Monga hae a re ho yena: <Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!>

22. “Ya neng a amohetse ditalenta tse pedi le yena a atamela, a re: <Monghadi, o ntshietse ditalenta tse pedi. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse pedi.>

23. “Monga hae a re ho yena: <Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!>

24. “Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: <Monghadi, ke ile ka o tseba o le motho ya thata, ya kotulang moo a sa kang a jala, ya bokellang moo a sa kang a olosa;

25. ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena!>

26. “Monga hae a mo araba, a re: <Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hore ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka olosa.

27. O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello.

28. “ <Mo amoheng talenta eo, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome,

29. hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

30. Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!> ”

Matheu 25