1. “Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
2. Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale.
3. Dithoto tsa nka mabone a tsona, empa tsa se ka tsa nka ole;
4. athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona.
5. Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala.
6. “Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: <Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!>
7. “Yaba moo barwetsana bao bohle ba tsohang, ba lokisa mabone a bona.
8. Dithoto tsa re ho ba bohlale: <Re qhatsetseng ole ya lona, kahobane mabone a rona a a tima.>
9. “Ba bohlale ba araba, ba re: <Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.>
10. “Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako.
11. “Kamorao ha fihla barwetsana ba neng ba setse, ba re: <Monghadi, Monghadi, re bulele!>
12. “A ba araba, a re: <Ruri ke a le bolella, ha ke le tsebe.>
13. “Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”
14. “Ho tla ba jwalokaha motho ya neng a etela naheng e hole a ile a bitsa bahlanka ba hae, a re ba sale le maruo a hae.
15. A nea e mong tjhelete e ditalenta di hlano, e mong e ditalenta di pedi, e mong yena e le nngwe, e mong le e mong ho ya ka matla a hae, a nto tsamaya. Hanghang
16. ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.
17. Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.
18. Empa ya amohetseng e le nngwe a ya tjheka fatshe, a pata tjhelete ya monga hae.