9. “Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka.
10. Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane.
11. Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata,
12. mme ka baka la ho ata ha bokgopo lerato la ba bangata le tla qepha.
13. Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.
14. Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.”
15. “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang!
16. Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;
17. motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha ho ya ntsha thepa ka tlung ya hae;
18. le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae.
19. Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!
20. Rapelang hore paleho ya lona e se be ka nako ya mariha kapa ka tsatsi la Sabatha,