Matheu 24:42-51 BIBELE (SSO89SO)

42. “Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.

43. Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.

44. Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”

45. “Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?

46. “Ho lehlohonolo mohlanka eo ereng ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo.

47. Ruri ke a le bolella, o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae.

48. Empa haeba e le mohlanka ya kgopo, o tla re ka pelong: <Monga ka o dieha ho tla,>

49. ebe o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, mme a je, a nwe le matahwa.

50. Monga mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng,

51. mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.”

Matheu 24