Matheu 24:36-46 BIBELE (SSO89SO)

36. “Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela.

37. Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla.

38. Mehleng eo, e bileng pele ho morallo wa metsi, batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a neng a kene arekeng ka lona.

39. Ha ba a ka ba tseba ho fihlela morallo wa metsi o fihla, o ba hohola kaofela. Ho tla ha Mora Motho le hona ho tla ba jwalo.

40. Mohlang oo ba babedi ba tla ba masimong, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe;

41. basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.

42. “Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.

43. Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.

44. Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”

45. “Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?

46. “Ho lehlohonolo mohlanka eo ereng ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo.

Matheu 24