Matheu 24:31-41 BIBELE (SSO89SO)

31. O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”

32. “Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi.

33. Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako.

34. Ruri ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale.

35. Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”

36. “Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela.

37. Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla.

38. Mehleng eo, e bileng pele ho morallo wa metsi, batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a neng a kene arekeng ka lona.

39. Ha ba a ka ba tseba ho fihlela morallo wa metsi o fihla, o ba hohola kaofela. Ho tla ha Mora Motho le hona ho tla ba jwalo.

40. Mohlang oo ba babedi ba tla ba masimong, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe;

41. basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.

Matheu 24