25. Jwale, ke le boleletse e sa le pele.
26. “Ka baka leo, haeba ba re ho lona: <Bonang, o teng feelleng!> le se ke la ya teng; kapa: <Bonang, o phaposing!> le se ke la ba la dumela,
27. hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.
28. Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.”
29. “Hanghang kamora ditlokotsitsa matsatsi ao,letsatsi le tla fifala,kgwedi ha e na ho bonesa;dinaledi di tla wa lehodimong,mabotho a mahodimoa tla tsukutleha.
30. “Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.
31. O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”
32. “Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi.
33. Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako.
34. Ruri ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale.
35. Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”
36. “Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela.
37. Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla.