Matheu 24:20-23 BIBELE (SSO89SO)

20. Rapelang hore paleho ya lona e se be ka nako ya mariha kapa ka tsatsi la Sabatha,

21. hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.

22. Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.

23. Mohlang oo haeba motho a ka re ho wena: <Bona, Kreste ke enwa!> kapa: <Bona, ke eo!> le se ke la ba la dumela,

Matheu 24