19. Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!
20. Rapelang hore paleho ya lona e se be ka nako ya mariha kapa ka tsatsi la Sabatha,
21. hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.
22. Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.
23. Mohlang oo haeba motho a ka re ho wena: <Bona, Kreste ke enwa!> kapa: <Bona, ke eo!> le se ke la ba la dumela,
24. hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.
25. Jwale, ke le boleletse e sa le pele.
26. “Ka baka leo, haeba ba re ho lona: <Bonang, o teng feelleng!> le se ke la ya teng; kapa: <Bonang, o phaposing!> le se ke la ba la dumela,
27. hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.
28. Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.”