Matheu 24:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Jesu a tloha Tempeleng a tsamaya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mmontsha mehaho ya Tempele.

2. A ba botsa, a re: “Na tsee kaofela le a di bona? Ruri ke a le bolella hore ha ho na lejwe le tla sala hodima le leng mona; a tla heletswa kaofela.”

3. Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”

4. Jesu a ba araba, a re: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe!

5. Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: <Ke nna Kreste,> mme ba tla kgelosa ba bangata.

6. Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.

7. Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.

8. Dintho tsena tsohle ke qaleho ya ditlokotsi.

9. “Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka.

10. Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane.

Matheu 24