5. “Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,
6. ba rata ditulo tse kapele meketeng, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo,
7. le ho dumediswa mabaleng a metse, le ho bitswa <Moruti> ke batho.
8. “Empa lona le se ke la bitswa <Moruti,> hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho.
9. Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho <Ntata lona,> hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong.
10. Le se ke la bitswa <Batsamaisi,> hobane le na le Motsamaisi a le mong, e leng Kreste.
11. E moholo ho lona e tla ba mosebeletsi wa lona.
12. Ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.
13. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.
14. Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.
15. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.
16. “Le madimabe lona batsamaisi ba foufetseng, ba reng: <Ha motho a hlapanya ka Tempele, tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka kgauta ya Tempele, o tlangwa ke tlhapanyo eo.>
17. Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo?
18. Hape le re: <Ha motho a hlapanya ka aletare tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka mpho e aletareng, o tlangwa ke tlhapanyo eo.>
19. Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo?