Matheu 23:37-39 BIBELE (SSO89SO)

37. “Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!

38. Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako.

39. Ke a o bolella hore ho tloha jwale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: <Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!> ”

Matheu 23