25. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hlwekisa bokantle ba mohope le sejana, empa kahare di tletse tsa boshodu le ho hloka boitshwaro.
26. Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.
27. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle.
28. Le lona le jwalo: kantle le tadimeha le lokile, athe kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.
29. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hahela baporofeta mabitla; le kgabisa diemahale tsa mabitla a ba lokileng,
30. mme le re: <Hoja ebe re phetse mehleng ya bontata rona, re ka be re sa ka ra ba le kabelo le bona polaong ya baporofeta.>
31. Ka baka leo, le a ipaka hore le bara ba babolai ba baporofeta.
32. E, qetelang seo bontata lona ba se qadileng!
33. “Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?
34. Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;
35. hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare.
36. Ruri ke a le bolella hore tsena tsohle di tla botswa ho moloko ona.
37. “Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!
38. Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako.