Matheu 23:12-27 BIBELE (SSO89SO)

12. Ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.

13. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.

14. Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.

15. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.

16. “Le madimabe lona batsamaisi ba foufetseng, ba reng: <Ha motho a hlapanya ka Tempele, tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka kgauta ya Tempele, o tlangwa ke tlhapanyo eo.>

17. Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo?

18. Hape le re: <Ha motho a hlapanya ka aletare tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka mpho e aletareng, o tlangwa ke tlhapanyo eo.>

19. Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo?

20. Ka baka leo, ya hlapanyang ka aletare, o hlapanya ka aletare eo le ka tsohle tse ka ho yona;

21. ya hlapanyang ka Tempele o hlapanya ka yona le ka ya ahileng ho yona,

22. mme ya hlapanyang ka lehodimo o hlapanya ka terone ya Modimo, le ka ya dutseng hodima yona.

23. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntsha karolo ya leshome ya kwena, tenane le sepaile, feela le tlohetse dintho tsa bohlokwa tsa Molao: Toka, mohau le botshepehi. Le ne le tshwanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo.

24. Batsamaisi ting ba difofu, ba okolang monwang, empa ba metseletse kamele!

25. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hlwekisa bokantle ba mohope le sejana, empa kahare di tletse tsa boshodu le ho hloka boitshwaro.

26. Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.

27. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle.

Matheu 23