Matheu 23:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Jesu o bua le matshwele le barutuwa ba hae,

2. o re: “Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba dutse setulong sa Moshe.

3. Ka baka leo, phethang, le hlokomele tsohle tseo ba le bolellang tsona, empa le se ke la ba etsisa, hobane ba bua feela, empa ba sa etse.

4. Ba tlama mejaro e boima, ba e bee hodima mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utlwisise ho e thetsa le ka monwana.

5. “Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,

6. ba rata ditulo tse kapele meketeng, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo,

7. le ho dumediswa mabaleng a metse, le ho bitswa <Moruti> ke batho.

8. “Empa lona le se ke la bitswa <Moruti,> hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho.

9. Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho <Ntata lona,> hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong.

10. Le se ke la bitswa <Batsamaisi,> hobane le na le Motsamaisi a le mong, e leng Kreste.

11. E moholo ho lona e tla ba mosebeletsi wa lona.

12. Ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.

13. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.

14. Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.

Matheu 23