Matheu 22:4-21 BIBELE (SSO89SO)

4. “Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: <Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng.>

5. “Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae.

6. Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya.

7. Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.

8. “Yaba e re ho bahlanka ba yona: <Mokete wa lenyalo o lokisitswe, empa ba neng ba memilwe ba ne ba sa lokela.

9. Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.>

10. Yaba bahlanka ba ya ditseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang, ba lokileng le ba kgopo, mme ntlo ya mokete ya tlala tswete!

11. “Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete.

12. Ya re ho yena: <Motswalle, o kene jwang moo o se na seaparo sa mokete?> Empa eo a kgutsa.

13. “Yaba kgosi e re ho basebeletsi: <Mo tlameng sekolokoto, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.>

14. “Ba mengwang ba bangata, empa ba kgethwang ha ba bakae.”

15. Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae.

16. Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.

17. Re bolelle he: O reng? Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe?”

18. Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang?

19. Mpontsheng tjhelete ya lekgetho!” Ba mo tlisetsa denare.

20. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?”

21. Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.”

Matheu 22