Matheu 22:38-46 BIBELE (SSO89SO)

38. Ena ke yona taelo e kgolo, ya pele.

39. Ya bobedi e tshwanang le yona e re: <Rata wa heno jwalokaha o ithata.>

40. Molao wohle le Baporofeta ba itshetlehile ka ditaelo tse pedi tsena.”

41. Yare ha Bafarisi ba phuthehile, Jesu a ba botsa, a re:

42. “Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?”Ba re ho yena: “Wa Davida.”

43. A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re:

44. “ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao?>

45. “Haeba he Davida a mmitsa Morena, ke mora wa hae jwang?”

46. Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape.

Matheu 22