32. <Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?> Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”
33. Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.
34. Hoba Bafarisi ba utlwe hore Jesu o kwetse Basaduke melomo, ba phutheha.
35. E mong wa bona, eo e leng Setsebi sa Molao, a leka Jesu ka potsa ena:
36. “Moruti, taelo e kgolo Molaong ke efe?”
37. A re ho yena: “ <Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.>
38. Ena ke yona taelo e kgolo, ya pele.
39. Ya bobedi e tshwanang le yona e re: <Rata wa heno jwalokaha o ithata.>
40. Molao wohle le Baporofeta ba itshetlehile ka ditaelo tse pedi tsena.”
41. Yare ha Bafarisi ba phuthehile, Jesu a ba botsa, a re:
42. “Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?”Ba re ho yena: “Wa Davida.”
43. A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re:
44. “ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao?>