Matheu 22:32-41 BIBELE (SSO89SO)

32. <Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?> Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”

33. Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.

34. Hoba Bafarisi ba utlwe hore Jesu o kwetse Basaduke melomo, ba phutheha.

35. E mong wa bona, eo e leng Setsebi sa Molao, a leka Jesu ka potsa ena:

36. “Moruti, taelo e kgolo Molaong ke efe?”

37. A re ho yena: “ <Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.>

38. Ena ke yona taelo e kgolo, ya pele.

39. Ya bobedi e tshwanang le yona e re: <Rata wa heno jwalokaha o ithata.>

40. Molao wohle le Baporofeta ba itshetlehile ka ditaelo tse pedi tsena.”

41. Yare ha Bafarisi ba phuthehile, Jesu a ba botsa, a re:

Matheu 22