22. Ha ba utlwa hona ba hlollwa, ba tloha ho yena, ba ikela.
23. Ka lona tsatsi leo Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena ba mmotsa,
24. ba re: “Moruti, Moshe o itse: <Ha monna a eshwa a se na bana, ngwanabo o tla kenela mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana.>
25. Jwale hara rona ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala, a shwa, mme kaha a ila shwa a se na bana a siela ngwanabo mosadi wa hae.
26. Ha eba jwalo le ho wa bobedi le ho wa boraro, ho fihlela le ho wa bosupa.
27. Qetellong le yena mosadi a shwa.
28. Jwale, mohla tsoho ya bafu, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng, hobane e bile wa bona kaofela?”
29. Jesu a ba araba, a re: “Le lahleha ke ho se tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo,
30. hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong.
31. Tabeng ya tsoho ya bafu, na ha le eso bale seo Modimo a neng a le bolelle sona, a re:
32. <Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?> Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”
33. Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.