Matheu 22:2-10 BIBELE (SSO89SO)

2. “Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo.

3. Ya roma bahlanka ba yona ho ya bitsa ba memetsweng moketeng, empa ba hana ho tla.

4. “Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: <Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng.>

5. “Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae.

6. Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya.

7. Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.

8. “Yaba e re ho bahlanka ba yona: <Mokete wa lenyalo o lokisitswe, empa ba neng ba memilwe ba ne ba sa lokela.

9. Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.>

10. Yaba bahlanka ba ya ditseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang, ba lokileng le ba kgopo, mme ntlo ya mokete ya tlala tswete!

Matheu 22