5. Ba ya.“Ha e batla e eba hora ya leshome le metso e mmedi, a boela a tswa, a etsa jwaloka pele; le ka hora ya boraro a etsa jwalo.
6. Ha e batla e eba hora ya bohlano motsheare wa mantsiboya, a tswa, a fumana ba bang ba eme, a re ho bona: <Le emetseng moo letsatsi lohle le sa etse letho?>
7. “Ba re ho yena: <Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.>“A re ho bona: <Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.>
8. “Mantsiboya monga tshimo ya morara a re ho mookamedi wa mosebetsi wa hae: <Bitsa basebetsi, o ba lefe meputso ya bona, ho qala ka ba ho qetela ho isa ho ba pele.>
9. “Ba qadileng ho sebetsa ha e batla e eba hora ya bohlano ba tla, ba amohela denare e mong le e mong.
10. Ba pele ba tla, ba hopola hore ba tla amohela ho fetang hoo, empa e mong le e mong a amohela denare.
11. Ba e amohela ba ntse ba korotlela monga tshimo,
12. ba re: <Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.>
13. “A araba e mong wa bona, a re: <Monna heso, ha ke o tlatlape. Na ha re a dumellana ka denare?
14. Nka moputso wa hao, o ikele; ke rata ho fa monna enwa wa ho qetela jwalokaha ke o file.
15. Na ha ke na tokelo ya ho etsa seo ke se ratang ka seng sa ka? Kapa o mona ha ke fana?>
16. “Ka mokgwa o jwalo ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.”
17. Jesu ha a nyolohela Jerusalema a ya le barutuwa ba leshome le metso e mmedi boinotshing, mme ha ba le tseleng a bua le bona, a re:
18. “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa matsohong a baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tla mo ahlolela lefu,
19. ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.”
20. Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong.