27. mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.
28. Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”
29. Ha ba tloha Jeriko letshwelehadi la latela Jesu.
30. Difofu tse pedi, tse neng di dutse pela tsela, ha di utlwa hore Jesu o a feta, tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”
31. Letshwele la di kgalemela hore di thole, empa tsa eketsa tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”
32. Jesu a ema, a di bitsa, a re: “Le rata ha ke le etsetsa eng?”
33. Tsa re ho yena: “Morena, re batla ho foufollwa.”
34. Jesu a di utlwela bohloko, a ama mahlo a tsona; hanghang tsa bona, mme tsa mo latela.