Matheu 20:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona,

27. mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.

28. Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”

29. Ha ba tloha Jeriko letshwelehadi la latela Jesu.

30. Difofu tse pedi, tse neng di dutse pela tsela, ha di utlwa hore Jesu o a feta, tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”

31. Letshwele la di kgalemela hore di thole, empa tsa eketsa tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”

32. Jesu a ema, a di bitsa, a re: “Le rata ha ke le etsetsa eng?”

33. Tsa re ho yena: “Morena, re batla ho foufollwa.”

34. Jesu a di utlwela bohloko, a ama mahlo a tsona; hanghang tsa bona, mme tsa mo latela.

Matheu 20