21. Jesu a re ho yena: “O batlang?”A re ho yena: “Laela hore Mmusong wa hao bara bana ba ka ba babedi ba tle ba dule, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.”
22. Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?”Ba re ho yena: “Re ka se nwa.”
23. A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.”
24. Ha barutuwa ba hae ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba babedi.
25. Yaba Jesu o a ba bitsa, o re: “Le a tseba hore babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba di tshwara ka thata.
26. Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona,
27. mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.
28. Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”
29. Ha ba tloha Jeriko letshwelehadi la latela Jesu.
30. Difofu tse pedi, tse neng di dutse pela tsela, ha di utlwa hore Jesu o a feta, tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”
31. Letshwele la di kgalemela hore di thole, empa tsa eketsa tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”
32. Jesu a ema, a di bitsa, a re: “Le rata ha ke le etsetsa eng?”