Matheu 20:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. “Mmuso wa mahodimo o tshwana le monga tshimo ya ileng a tsoha kameso ho ya batla batho ba tla sebetsa tshimong ya hae ya morara.

2. Hoba a dumellane le basebetsi hore moputso e tla ba denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya morara.

3. “Ha e batla e eba hora ya borobong hoseng, a tswa, a bona banna ba bang ba eme lebaleng la motse ba sa etse letho;

4. a re ho bona: <Le lona eyang tshimong ya ka ya morara, mme ke tla le nea ho le lokelang.>

5. Ba ya.“Ha e batla e eba hora ya leshome le metso e mmedi, a boela a tswa, a etsa jwaloka pele; le ka hora ya boraro a etsa jwalo.

6. Ha e batla e eba hora ya bohlano motsheare wa mantsiboya, a tswa, a fumana ba bang ba eme, a re ho bona: <Le emetseng moo letsatsi lohle le sa etse letho?>

7. “Ba re ho yena: <Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.>“A re ho bona: <Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.>

8. “Mantsiboya monga tshimo ya morara a re ho mookamedi wa mosebetsi wa hae: <Bitsa basebetsi, o ba lefe meputso ya bona, ho qala ka ba ho qetela ho isa ho ba pele.>

Matheu 20