Matheu 19:14-30 BIBELE (SSO89SO)

14. Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”

15. A ba bea matsoho, a ikela.

16. Monna e mong a tla ho Jesu, a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?”

17. A mo araba, a re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ka se molemo? O mong feela ya molemo. Haeba o batla ho kena bophelong, boloka Melao.”

18. A mmotsa, a re: “Melao efe?”Jesu a re: “O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong;

19. hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.”

20. Mohlankana a re ho yena: “Tsena tsohle ke di bolokile; ke sa hloka eng?”

21. Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”

22. Empa mohlankana ha a utlwa polelo ena a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.

23. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ruri ke a le bolella: Ho tla ba thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo.

24. Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”

25. Barutuwa ba hlollwa haholo ha ba utlwa hoo, ba re: “Ke mang he ya ka pholoswang?”

26. Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”

27. Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?”

28. Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

29. Hape mang le mang ya tlohetseng matlo, bana babo, dikgaitsedi, ntatae, mmae, bana, kapa masimo ka baka la lebitso la ka, o tla putswa halekgolo, mme a rue bophelo bo sa feleng.

30. Ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, mme ba ho qetela e be ba pele.

Matheu 19