Matheu 19:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba bana ba tliswa ho Jesu hore a ba bee matsoho, a ba rapelle, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.

14. Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”

15. A ba bea matsoho, a ikela.

16. Monna e mong a tla ho Jesu, a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?”

17. A mo araba, a re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ka se molemo? O mong feela ya molemo. Haeba o batla ho kena bophelong, boloka Melao.”

18. A mmotsa, a re: “Melao efe?”Jesu a re: “O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong;

19. hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.”

20. Mohlankana a re ho yena: “Tsena tsohle ke di bolokile; ke sa hloka eng?”

21. Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”

22. Empa mohlankana ha a utlwa polelo ena a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.

23. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ruri ke a le bolella: Ho tla ba thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo.

24. Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”

Matheu 19