1. Yare hoba Jesu a qete dipolelo tsena, a tloha Galelea, a fihla naheng ya Judea, mose ho Jorodane.
2. Matshweletshwele a mo latela, mme a a fodisetsa teng.
3. Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa potso ho mo leka, ba re: “Na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae ka lebaka lefe kapa lefe?”
4. A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi <o ile a etsa e motona le e motshehadi?>
5. Mme a re: <Ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.>
6. Kahoo ha ba sa le ba babedi, e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”
7. Ba re ho yena: “Jwale ke ka baka lang Moshe a laetseng hore mosadi <a newe lengolo la tlhalo, mme a hlalwe?> ”
8. A re ho bona: “Ka baka la bothata ba dipelo tsa lona, Moshe o ile a le dumella ho hlala basadi ba lona, empa tshimolohong ho ne ho se jwalo.
9. Ke a le bolella hore mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, a nyala e mong, o a feba.”
10. Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Haeba boo ke boemo ba ditaba tsa monna le mosadi, ha ho molemo ho nyala.”
11. A re ho bona: “Hase bohle ba amohelang polelo ena, e amohelwa feela ke ba abetsweng jwalo,
12. hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.”