Matheu 18:7-12 BIBELE (SSO89SO)

7. Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.

8. “Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi.

9. Ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele o le mahlo a mabedi.

10. “Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.

11. Mora Motho o tlile ho pholosa se neng se lahlehile.

12. “Le reng na? Ha motho e ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ya tsona e lahleha, na a ke ke a siya tse mashome a robong a metso e robong dithabeng, a ya batla e lahlehileng?

Matheu 18