4. Ka baka leo, ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa ke yena e moholo Mmusong wa mahodimo.
5. Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela.
6. “Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.
7. Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.
8. “Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi.
9. Ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele o le mahlo a mabedi.
10. “Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.
11. Mora Motho o tlile ho pholosa se neng se lahlehile.
12. “Le reng na? Ha motho e ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ya tsona e lahleha, na a ke ke a siya tse mashome a robong a metso e robong dithabeng, a ya batla e lahlehileng?
13. Haeba a ka e fumana, ruri ke re ho lona, o tla e thabela ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa kang tsa lahleha.
14. Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore ho timele le ya mong wa ba banyenyane bana.