Matheu 18:29-35 BIBELE (SSO89SO)

29. “Molekane wa hae a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: <Nkgauhele, ke tla o lefa.>

30. Empa yena a hana, a ya mo hlahlela tjhankaneng ho fihlela a ka lefa molato.

31. Ha balekane ba hae ba bohlanka ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya phetela monga bona tsohle tse etsahetseng.

32. “Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: <Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela.

33. Na e ne e se tshwanelo hore le wena o hauhele molekane wa hao, jwalokaha le nna ke ile ka o hauhela?>

34. Monga hae a halefa, a mo neela bahlokofatsi ho fihlela a ka lefa molato kaofela.

35. “Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.”

Matheu 18