Matheu 18:20-29 BIBELE (SSO89SO)

20. hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”

21. Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?”

22. Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.

23. “Ka baka leo, Mmuso wa mahodimo o ka tshwantshwa le kgosi e itseng, e ratileng ho hlahlobisana boemo ba tshebetso le bahlanka ba yona.

24. Eitse ha e qala ho etsa jwalo, ya tlisetswa e mong ya nang le molato wa tjhelete e ditalenta tse kete tse leshome.

25. Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe.

26. “Empa mohlanka a itihela maotong a hae, a re: <Nkgauhele, ke tla o lefa tsohle.>

27. Monga mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo leballa molato.

28. “Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: <Lefa molato wa hao!>

29. “Molekane wa hae a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: <Nkgauhele, ke tla o lefa.>

Matheu 18