18. “Ruri ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng di tla tlangwa lehodimong, mme tsohle tseo le di lokollang lefatsheng di tla lokollwa lehodimong.
19. “Hape ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le e nngwe eo ba e kopang lefatsheng, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong,
20. hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”
21. Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?”
22. Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.
23. “Ka baka leo, Mmuso wa mahodimo o ka tshwantshwa le kgosi e itseng, e ratileng ho hlahlobisana boemo ba tshebetso le bahlanka ba yona.
24. Eitse ha e qala ho etsa jwalo, ya tlisetswa e mong ya nang le molato wa tjhelete e ditalenta tse kete tse leshome.
25. Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe.
26. “Empa mohlanka a itihela maotong a hae, a re: <Nkgauhele, ke tla o lefa tsohle.>
27. Monga mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo leballa molato.