Matheu 16:8-19 BIBELE (SSO89SO)

8. Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: <Ke hobane ha re a tla le bohobe?>

9. Na le jwale ha le eso utlwisise? Na ha le sa hopola dinkgwa tse hlano tseo le neng le di abele ba dikete tse hlano, le hore na le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?

10. Leha e le dinkgwa tse supileng tseo le neng le di abele ba dikete tse nne, le hore na le ne le bokelle diroto tse kae tse kgolo tse tletseng makumane?

11. Le sitwa keng ho utlwisisa hore ke ne ke sa bue le lona ka bohobe? Empa hlokomelang tomoso ya Bafarisi le Basaduke.”

12. Jwale ba utlwisisa hore o ne a sa re ba hlokomele tomoso ya bohobe bo jewang, empa ba hlokomele thuto ya Bafarisi le Basaduke.

13. Yare ha Jesu a fihla sebakeng sa Sesaria-Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: “Batho ba re Mora Motho ke mang?”

14. Ba re: “Ba bang ba re: <Ke Johanne Mokolobetsi,> ba bang ba re: <Ke Elia,> mme ba bang ba re: <Ke Jeremia kapa e mong wa baporofeta.> ”

15. A re ho bona: “Empa lona le re nna ke mang?”

16. Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”

17. Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.

18. Jwale le nna ke a o bolella, ke re: <O Petrose,> mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.

19. Ke tla o nea dinotlolo tsa Mmuso wa lehodimo; seo o se tlamang lefatsheng se tla tlangwa lehodimong, mme seo o se lokollang lefatsheng se tla lokollwa lehodimong.”

Matheu 16