Matheu 16:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. A ba araba, a re: “Ha ho phirimile le ye le re: <Letsatsi le tla ba letle, hobane lehodimo le lefubedu.>

3. Hoseng le re: <Kajeno ho tla ba le sefefo, hobane lehodimo le bofubedu bo lefifi.> Le tseba ho hlalosa sebopeho sa lehodimo; athe le sitwa ho hlalosa ditshupo tsa dinako tsee!

4. Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela.

5. Ha barutuwa ba tshelela mose wane, ba lemoha hore ba lebetse ho inkela bohobe.

6. Jesu a re ho bona: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le Basaduke.”

7. Ba buisana ba le bang, ba re: “Ke hobane ha re a tla le bohobe!”

8. Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: <Ke hobane ha re a tla le bohobe?>

9. Na le jwale ha le eso utlwisise? Na ha le sa hopola dinkgwa tse hlano tseo le neng le di abele ba dikete tse hlano, le hore na le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?

Matheu 16