Matheu 16:14-28 BIBELE (SSO89SO)

14. Ba re: “Ba bang ba re: <Ke Johanne Mokolobetsi,> ba bang ba re: <Ke Elia,> mme ba bang ba re: <Ke Jeremia kapa e mong wa baporofeta.> ”

15. A re ho bona: “Empa lona le re nna ke mang?”

16. Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”

17. Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.

18. Jwale le nna ke a o bolella, ke re: <O Petrose,> mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.

19. Ke tla o nea dinotlolo tsa Mmuso wa lehodimo; seo o se tlamang lefatsheng se tla tlangwa lehodimong, mme seo o se lokollang lefatsheng se tla lokollwa lehodimong.”

20. Yaba o laya barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.

21. Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.

22. Petrose a mo nkela kathoko, a mo kgalemela, a re: “Morena Modimo a hauhe! Hona ha ho ka ke ha etsahala ho wena.”

23. Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”

24. Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.

25. Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.

26. Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?

27. Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.

28. Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”

Matheu 16