6. Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda;
7. ka baka leo, a mo tshepisa ka ho ikana hore o tla mo fa eng kapa eng eo a ka e kopang.
8. Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”
9. Mmusisi a swaba, empa ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba leng dijong le yena, a laela hore a e newe.
10. Yaba o laela hore Johanne a kgaolwe hlooho tjhankaneng.
11. Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme yena a e isa ho mmae.
12. Barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela; ba nto ya tsebisa Jesu.
13. Yare ha Jesu a utlwa pehi eo, a tloha moo ka sekepe, a ikela nahathothe boinotshing. Matshwele ha a utlwa a mo latela ka maoto, a etswa metseng.
14. Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.
15. Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”
16. Empa Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; ba fepeng e le lona.”
17. Ba re ho yena: “Mona ha re na letho haese dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi.”
18. A re: “Ntlisetseng tsona mona.”