Matheu 14:26-36 BIBELE (SSO89SO)

26. Ha barutuwa ba mmona a tsamaya hodima metsi, ba tshoha, ba re: “He! ke sethotsela!” mme ba bokolla ke ho tshaba.

27. Yaba Jesu o phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo! Ke nna, se tshabeng!”

28. Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.”

29. A re: “Tloo!” Yaba Petrose o tswa sekepeng, o tsamaya hodima metsi, o leba ho Jesu.

30. Empa ha a utlwa moya wa sefefo a tshoha, a qala ho teba, mme a howa, a re: “Morena, mpholose!”

31. Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”

32. Hoba ba kene ka sekepeng, moya wa teba.

33. Ba neng ba le ka sekepeng ba mo kgumamela, ba re: “Kannete o Mora wa Modimo!”

34. Yare ha ba se ba tsheletse mose, ba fihla lebopong la Genesareta.

35. Ha banna ba sebaka seo ba se ba mo tsebile, ba hlaba mokgosi sebakeng seo sohle, mme batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang.

36. Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.

Matheu 14