22. Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a qhala matshwele.
23. Hoba a a qhale, a nyolohela thabeng ho ya rapela boinotshing, ha ba ha phirima a ntse a le mong hona moo.
24. Sekepe sona se ne se se se le hole le lebopo, se tsukutlwa ke maqhubu, hobane se ne se tobane le moya.
25. Kameso, Jesu a ya ho bona a tsamaya hodima metsi.
26. Ha barutuwa ba mmona a tsamaya hodima metsi, ba tshoha, ba re: “He! ke sethotsela!” mme ba bokolla ke ho tshaba.
27. Yaba Jesu o phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo! Ke nna, se tshabeng!”
28. Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.”
29. A re: “Tloo!” Yaba Petrose o tswa sekepeng, o tsamaya hodima metsi, o leba ho Jesu.
30. Empa ha a utlwa moya wa sefefo a tshoha, a qala ho teba, mme a howa, a re: “Morena, mpholose!”