Matheu 14:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Yare ha Jesu a utlwa pehi eo, a tloha moo ka sekepe, a ikela nahathothe boinotshing. Matshwele ha a utlwa a mo latela ka maoto, a etswa metseng.

14. Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.

15. Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”

16. Empa Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; ba fepeng e le lona.”

17. Ba re ho yena: “Mona ha re na letho haese dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi.”

18. A re: “Ntlisetseng tsona mona.”

19. Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.

20. Ba eja bohle, ba kgora; yaba ho bokellwa makumane a setseng, mme a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.

21. Ba jeleng e ne e le banna ba ka bang dikete tse hlano, ho sa balwe basadi le bana.

22. Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a qhala matshwele.

23. Hoba a a qhale, a nyolohela thabeng ho ya rapela boinotshing, ha ba ha phirima a ntse a le mong hona moo.

24. Sekepe sona se ne se se se le hole le lebopo, se tsukutlwa ke maqhubu, hobane se ne se tobane le moya.

Matheu 14