Matheu 14:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka nako eo kgosi Heroda a utlwa botumo ba Jesu.

2. A re ho basebeletsi ba hae: “Motho eo ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka ho yena.”

3. Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, mme a mo kenya tjhankaneng ka baka la Herodiase, mohatsa moena hae Filipi.

4. Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellehe hore o mo nyale.”

5. Heroda o ne a rata ho mmolaya, empa a tshaba batho, hobane ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta.

6. Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda;

7. ka baka leo, a mo tshepisa ka ho ikana hore o tla mo fa eng kapa eng eo a ka e kopang.

8. Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”

9. Mmusisi a swaba, empa ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba leng dijong le yena, a laela hore a e newe.

10. Yaba o laela hore Johanne a kgaolwe hlooho tjhankaneng.

11. Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme yena a e isa ho mmae.

12. Barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela; ba nto ya tsebisa Jesu.

13. Yare ha Jesu a utlwa pehi eo, a tloha moo ka sekepe, a ikela nahathothe boinotshing. Matshwele ha a utlwa a mo latela ka maoto, a etswa metseng.

14. Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.

Matheu 14