Matheu 13:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. “Ya nang le ditsebe a utlwe.”

10. Barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang o buang le bona ka ditshwantsho?”

11. A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.

12. Ya nang le letho o tla ekeletswa, a be a hafe ka nkatana, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.

13. Ke ka baka lena ke buang le bona ka ditshwantsho, hobane leha ba bona, ha ba bone, mme leha ba utlwa, ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa.

14. “Ke moo ho phethahalang ho bona boporofeta ba Esaya bo reng:“ <Ho utlwa le tla utlwa,empa le ke ke la utlwisisa;ho sheba le tla sheba,empa le ke ke la bona.

15. Dipelo tsa setjhaba senadi thotofetse,mme ditsebe tsa sona di thibane,se itutubaditse mahlo,esere mohlomongsa bona ka mahlo a sonasa utlwa ka ditsebe tsa sona,sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.>

16. “Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa.

17. Etswe ruri ke a le bolella, baporofeta le ba lokileng ba bangata ba ne ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba a ka ba se bona, le ho utlwa seo le se utlwang, empa ha ba a ka ba se utlwa.

Matheu 13