Matheu 13:55-58 BIBELE (SSO89SO)

55. Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?

56. Na dikgaitsedi tsa hae tsohle ha di hara rona moo? Ha ho le jwalo, tsena tsohle yena o di nka kae?”

57. Ba kgopiseha ke yena.Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo le tlung yabo feela.”

58. Moo teng ha a ka a etsa diketso tse matla, tse hlollang, ka baka la ho se dumele ha bona.

Matheu 13