51. Jesu a ba botsa, a re: “Na le utlwisisa tsee tsohle?”Ba re ho yena: “E.”
52. A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”
53. Yare hoba Jesu a qete ho bolela ditshwantsho tsena, a tloha moo,
54. a fihla motseng wa habo, mme a rutela batho tlung ya bona ya thapelo, hoo ba ileng ba hlollwa, mme ba re: “Bohlale boo le diketso tsee tse hlollang, eo o di nka kae?
55. Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?
56. Na dikgaitsedi tsa hae tsohle ha di hara rona moo? Ha ho le jwalo, tsena tsohle yena o di nka kae?”