40. “Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale.
41. Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;
42. a tla ba lahlela seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.
43. Mohlang oo ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi Mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe a utlwe.
44. “Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.
45. “Hape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le mohwebi ya batlang mabenyane a bohlokwa,
46. eo ereng hoba a fumane le leng la bohlokwahadi, a yo rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a le reke.
47. “Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta,
48. leo ereng ha le se le tletse, batshwasi ba le hulele lebopong, ba dule fatshe, ba hlwaele tse ntle ka dipitseng, tse mpe tsona ba di lahle.
49. Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,
50. a ba lahlele seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.”
51. Jesu a ba botsa, a re: “Na le utlwisisa tsee tsohle?”Ba re ho yena: “E.”
52. A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”
53. Yare hoba Jesu a qete ho bolela ditshwantsho tsena, a tloha moo,